Please enter a minimum of 2 characters to search.
Please enter a minimum of 2 characters to search.
Share by email
Copy link
Share to Facebook
Share to Whatsapp
Share to X
Share QR Code


Memorial Keepers(1)
They manage this memorial. Contact or join
MM
Matshidiso Moloi
Matshedidso Agnes Moloi
August 22nd, 1970 - August 26th, 2021
August 22nd, 1970 - August 26th, 2021
TSA BOPHELO BA MOFU Mofu Matshedidso Agnes Moloi o hlahetse Frankfort ka la 22 Phato 1970. O qadile ho kena sekolo ka 1976 Machaea Primary School, a ya sekolong se phahameng sa Mohaladitwe Secondary School. A ntshetsa dithuto tsa hae pele Bonamelo College of Education le Randse Afrikaanse Universiteit ( RAU). O kene mosebetsing ka 1994 ele morutabana Imisebeyelanga Secondary School, ka 2005 a fetela Jandrell Secondary School. A kena lenyalong le Mpho Simon Moloi ka 1999, ba hlohonolofatswa ka bana ba babedi Tshepang le Lerato. O siya molekane wa hae, bana ba babedi, mme le bana babo. Robala ka kgotso lekholokwe, motho wa maphale, wa sehwehwe se mo kgina, se ja se rora, se rorela mehlatswana ya batho. Mofefe wa mahlabathe, ha o tshela noka kgoka ya sala, hao feta phula kgoka ya sala. Ke wa bodiba botala ha bo okamelwe ha o ka bo okamela o tla wela.
Copyright © 2026 Keeper Memorials, All rights reserved.